MATSHWAO: 100
NAKO: DIHORA TSE 2½
PAMPIRI ENA E NA LE MAQEPHE A 6.
PAMPIRI YA 3 (P3)
DITAELO HO MOHLAHLOBUWA
Pampiri ena e arotswe dikarolo tse tharo:
KAROLO YA A: Moqoqo
KAROLO YA B: Ditema tsa kgokahano tse telele
KAROLO YA C: Ditema tse kgutshwane tsa kgokahano
Ditema tseo ho ka tadingwang ho itseng ho tsona/tsa tlhahisoleseding/tse bohuwang le tsa mefuta e fapaneng ya phatlalatso.
Bahlahlobuwa ba lokela ho araba potso e le nngwe karolong e nngwe le e nngwe.
Qala karolo e nngwe le e nngwe leqepheng le letjha, mme o sehe mola qetellong ya karolo ka nngwe.
Tlola mola dipakeng tsa karabo e nngwe le e nngwe.
Ngola ka mongolo o makgethe mme o balehang.
Tsepamisa maikutlo haholo mopeletong le popong ya dipolelo tse nepahetseng.
Bolelele ba ditema tse hlahiswang e be:
KAROLO YA A: Moqoqo - mantswe a 400 ho isa ho 450.
KAROLO YA B: Ditema tsa kgokahano tse telele - mantswe a 180 ho isa ho a 200 (dikahare feela).
KAROLO YA C: Ditema tsa kgokahano tse kgutshwane.
Ditema tseo ho ka tadingwang ho itseng ho tsona/tsa tlhahisoleseding/tse bohuwang le tsa mefuta e fapaneng ya phatlalatso - mantswe a 120 ho isa ho a 150.
KAROLO YA A: MOQOQO
POTSO YA 1
Kgetha sehlooho se le seng mme o ngole moqoqo wa bolelele ba mantswe a 400 ho isa ho a 450. Ela tsena hloko:
Mohatong wa boitokisetso etsa moralo kapa mmapa wa monahano moo o bontshang mehopolo ya sehlooho le dintlha tse e tshehetsang tseo o tla ngola ka tsona;
Ha o qeta ho ngola moqoqo boela o o bale hape ho lokisa diphoso. Ha o lokisa diphoso sebedisa pene e mmala o fapaneng le oo o ngotseng ka ona ho bontsha hore efela o boeleditse mosebetsi hao le ho hlaola diphoso.
Baithuti bohle ba dikolong, haholo ba phethelang Lengolo la Thuto e Phahameng la Naha la Kereite 12, ba se ba le malala-a-laotswe bakeng sa ho latela dithuto tse ding tse lebisang makaleng a fapaneng a mesebetsi. Le wena o moithuti ya qetelang sekolong selemong sena mme o se o entse dipatlisiso mabapi le lekala la mosebetsi leo o tlang ho le nka. A ko ngole moqoqo oo ka ona o hlakisetsang babadi ba hao ka tsa lekala lena la mosebetsi leo o le kgethileng. Sehlooho sa moqoqo wa hao e be,
Lekala la mosebetsi leo ke ratang ho le nka.'
KAPA
Thekenoloji e bebofaditse bophelo ka ditsela tse ngata baahing ba Afrika Borwa. Mathata a fapafapaneng ao ba neng ba na le ona, kajeno ke a maobane. Kajeno diselefounu di bebofaditse bophelo.
A ko ngole moqoqo o phete tsa makaqabetsi ao o kileng wa ba ho ona, le mokgwa oo selefounu e ileng ya o qaholla ka wona. Sehlooho sa moqoqo wa hao e be,
Ya tla ya nthusa selefounu hoja ke ne ke le makaqabetsing.'
KAPA
Phephetso e kgolo eo Afrika Borwa e tobaneng le yona moraorao tjena ke kgaello ya mesebetsi. Batjha ba qetang dithuto tsa bona dikolong le diyunivesithing ha ba fumane mesebetsi. Hona ke phephetso e kgolo e re tjametseng. Re tla etsa eng ka batjha baa? Re lokela ho kopanya mehopolo ho fumana tharollo qakeng ena, etswe letshwele le beta poho. Ekaba wena jwalo ka motjha o bona e ka rarollwa jwang? Ha e ne eba o letona la mmuso la tsa metsebetsi o ne o ka tla ka mawa afe. Ngola moqoqo oo ho ona o hlahisang le ho hlalosa mawa a ka sebediswang ho rarolla bothata bona. Sehlooho sa moqoqo wa hao e be,
Hoja ke letona ke ne ke tla ...'
KAPA
O sa tswa bala kaekae masedinyaneng kapa bukeng moo mongodi e mong a eletsang setjhaba mabapi le dintlha tse amanang le tsa phedisano. O kgahlilwe haholo ke ntlhakemo ya hae ha a talola bothata le tsietsi eo setjhaba se tobaneng le yona mabapi le tlhekefetso ya bana, haholo ba banana. O bontsha le ho eletsa setjhaba hore se lokela ho fetoha. A ko re phetele ka sena seo o se badileng mme o totobatse haholo seo o ithutileng sona. Sehlooho sa moqoqo wa hao e be,
Seo ke se badileng ...'
KAPA
Ho na le batho ba bohlokwa bophelong ba rona ka nako tsohle, mme re ye re iphumane re ba rata le ho ba hlompha. Ke batho bao e leng qhoku tsa rona bao re ka ithutang ho hong ho bona mme ba a re matlafatsa bophelong. Qhoku e jwalo e teng bophelong ba hao. Motho enwa o na le tshusumetso e matla ho wena. O fumana morolo ha o mo tadima. Ha e sale e le seikokotlelo sa hao seo o itsheheditseng ka sona ho fihlela lena le hodimo. A ko ngole moqoqo mme o re qaqisetse motho enwa ya hlokolosi eo o mo ratang hakaana. Sehlooho sa moqoqo wa hao e be,
Motho ya hlokolosi ho nna ...'
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA A:
KAROLO YA B: DITEMA TSA KGOKAHANO TSE TELELE
POTSO YA 2
Ngola tema e le nngwe e bolelele ba mantswe a 180 ho isa ho a 200 (dikahare feela).
Le le baithuti ba kereiti ya 12, le na le tletlebo ka boitshwaro ba ba bang ba baithutimmoho le lona. Lemulwana la baithuti bana, ka Mantaha o mong le o mong le fihla le nkga jwala phu! sekolong, mme le kgaleha hoo le kgonang ka phaposing. Ketsahalo ena e a le sitisa dithutong tsa lona. Ka Labohlano ba tswa ka hora ya leshome sekolong mme ba qobella ba bang ba mphato ho tsamaya le bona. Mosuwehlooho o buile ebile o tapile. Ngolla Lafapha la Thuto la Provense ya hao memorandamo wa tletlebo ka boitshwaro bo hlephileng ba baithuti bana. Bontsha ka moo diketso tseo e leng tshitiso dithutong tsa lona ka teng.
KAPA
O moithuti ya hlwahlwa mme o kgethilwe ke ba mphato wa hao ho ya nehelana ka puo ya thoholetso le ho eletsa baithutimmoho pele le ngola hlahlobo ya makgaolakgang. Selemong se tlang le tla be le Dikolong tsa Thuto e Phahameng, ditsheng tse fapaneng. Ba bang ba lona ba tla be ba sa kgone ho tswela pele dithutong ka baka la tlhokeho ya tjhelete. Ngola puo ya thoholetso le ho eletsa baithuti hore ba hahamalle pele, ho se be le tshitiso bokamosong ba bona.
KAPA
O modulasetulo wa Lekgotlakemedi la Baithuti (RCL). O ne o ile kopanong ya baduladitulo ba Makgotla a Baithuti e neng e tshwaretse Johannesburg International Conference Centre (ICC). Le ne le kopane le le baduladitulo ba dikolo ba dinaha tse matjhabeng. Ngolla mosuwehlooho wa sekolo sa hao raporoto/pehelo moo o behang mabapi le diqeto tse entsweng kopanong eo ka tse neng di tshohlwa moo.
KAPA
Sekgeo sa mosebetsi se phatlaladitswe ho a mang a masedinyana a naha. O nahana hore ke mosebetsi oo o ka o etsang. Ngola lengolo la kopo ya mosebetsi moo o kopang mosebetsi ho e nngwe ya dikhampane tse kgolo tsa mona Afrika Borwa. Hlokomela hore o lokela ho iqapela hore ke mosebetsi wa mofuta ofe.
KAPA
Ho na le qhoku e seng e re siile motseng wa heno. Qhoku ena ke kgabane ya setjhaba, ka ha e sebeleditse setjhaba ka bohlwahlwa le ka bokgabane. O kgethwa ke ba lelapa ho ngola tsa bophelo ba mofu (obitjhuwari) ka ha ba tshepa le ho dumela hore o ne o le naletsana e pela kgwedi ka ha le ne le sebetsa mmoho. Ananela kopo ena ka ho ngola tsa bophelo ba qhoku ena.
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA B:
KAROLO YA C: DITEMA TSE KGUTSHWANE TSA KGOKAHANO
POTSO YA 3
Ngola tema e le nngwe e bolelele ba mantswe a 120 ho isa ho a 150.
O pasitse kereiti 12 mme ha o kgone ho ntshetsa pele dithuto tsa hao ka mabaka a utlwahalang. O utlwetse ka Umsobovu, e leng mokgatlo o thusang batjha ka ditjhelete tsa ho iqalla kgwebo. O fumane tshehetso ho tswa ho Umsobovu mme o se o qadile kgwebo. Etsa papatso ho tsebahatsa kgwebo ya hao ho batho ba motse wa heno hore sehlahiswa sa hao se tle se tsebisahale mme se rekwe.
KAPA
O atlehile dihlahlobong tsa hao tsa kereiti ya 12. Batswadi ba hao ba o etsetsa moketjana wa teboho. Etsa karete ya memo moo o memang motswalle wa hao ho tla thaba le ho leboha le wena.
KAPA
O moithuti wa selemo sa ho qetela sekolong sa hao. Ka mehla baithuti ba kereiti ya 12, ba tshwara meketjana ya ho iteboha le ho tla fumana dikeletso matitjereng a bona. O lokela ho fumana motswalle eo o tla tla le yena moketjaneng oo o tla tshwarelwa sekolong sa hao mantsiboya ka hora ya bosupa hodima hlooho. O ile wa etsa kopo ho ba lenaneo la thelevishene la Selimathunzi ho o batlela motswalle. Ka lehlohonolo ba dumetse ho o tlisetsa motswalle, empa ha ba tsebe moo sekolo sa lona se leng teng. Ba ngolle tema ya ditaelo eo ba tla e sebedisa ho tla fihla moo sekolong sa heno. Hlalosa ditaelo ka botlalo ho tloha tseleng e kenang toropong ho ya fihla sekolong.
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA C:
MATSHWAO A PAMPIRI ENA YOHLE:
